5. Jwale lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:
6. “Na ke hore wena, ntlo ya Iseraele, nke ke ka o etsa jwalokaha sebopi se etsa ka letsopa la sona?” ho rialo Morena. “Seo letsopa le leng sona matsohong a sebopi, ke seo wena ntlo ya Iseraele, o leng sona matsohong a ka.
7. Neng kapa neng nka phatlalatsa hore ke tla fothola, ke heletse, ke timetse setjhaba kapa mmuso,
8. empa haeba setjhaba seo, seo ke neng ke se soketse, se bakela bokgopo ba sona, ke tla thibela koduwa eo ke neng ke se ke rerile ho e dihela hodima sona.
9. Neng kapa neng nka phatlalatsa hore ke tla thea setjhaba, ke hlomamise mmuso.
10. Empa haeba setjhaba seo se etsa bokgopo mahlong a ka, se sa mamele lentswe la ka, ke tla fetola maikutlo a ka malebana le molemo oo ke neng ke rerile ho se etsetsa wona.
11. “Ka baka leo, tsamaya, o yo bua le banna ba Juda le baahi ba Jerusalema, o re: <Morena o bua tjena: Bonang mona! Ke ntse ke le ralla bobe, ke lokisa morero wa ho le otla. Motho ka mong a kgelohe tsela ya hae e kgopo, a tsamaye tseleng e lokileng, diketso tsa hae di be ntle.>
12. Empa bona ba re: <Ha ho sa na thuso! Re tla tswela pele mererong ya rona, motho ka mong a phethe ditakatso tsa pelo ya hae e kgopo, e manganga.> ”