18. Yaba ba re: “Tloong, re loheleng Jeremia mano, hobane baprista ba tla nne ba be teng, ba re rute Molao; ba bohlale ba tla nne ba be teng, ba re eletse; le baporofeta ba tla nne ba be teng ho re bolella molaetsa. Tloong ke hona, re iqapeleng tseo re ka mo qosang ka tsona, re se ke ra natsa dipolelo tsa hae.”
19. Oho, Morena, ako mmamele!Utlwa seo baqosi ba kaba se buang!
20. Na botle bo ka buseletswa ka bobe?Baqosi ba ka, ba ntjheketse lemena!Hopola, ke ile ka emakapele ho wena,ka ba buellaho ba faposa kgalefo ya hao.
21. Etsa hore bana ba bonaba bolawe ke sekoboto,madi a bona a tshollwe ke sabole,basadi ba bonaba shwelwe ke bana ba bona,basadi ba bona e be bahlolohadi,banna ba bonaba bolawe ke lefu la sewa,bahlankana ba bonaba bolaelwe ntweng ka sabole.
22. Ba tlisetse batupika ho panya ha ntshi,seboko se utlwahalemalapeng a bona,hoba ba ntjheketse lemenake tle ke wele ka ho lona,ba tjhehetse maoto a ka leraba,ba le patile.
23. Wena Morena,o tseba merero ya bona yohle,merero ya bona ya ho mpolaya.Se ka ba tshwarelabokgopo ba bona,kapa wa tlosa sebe sa bonamahlong a hao;a ba ke ba ketolwe kapele ho wena,o ba otle nakong enaeo o ba halefetseng ka yona.