13. Ka baka leo, Morena o bua tjena:“Lona botsisisang hara baditjhaba:Ya kileng a utlwatse kang tsee ke mang?Morwetsana wa Iseraeleo entse ntho e tshabehang haholo!
14. Na thabeng tsa Lebanonelehlwa le ka qhibidiha?Na metsi a maphodi,a tswang thabeng tseo,na metsi aoa ke a kgaotse ho phalla?
15. Empa tjhaba sa ka se ile sa ntebala,sa tjhesa mokubetso,sa o tjhesetsa medimo ya bohata;medimo ena e entse horese be se kgoptjwe,se kgoptjwe ha se tsamayatseleng tsa sona,ha se tsamayatseleng tsa boholoholo;ya se hlahlathedisatseleng tse kathoko,tse sa batallang,tse tletseng makukuno.
16. Naha ya sona se e fetotse nanaola,e fetohile sekgobo sa mehla yohle,bo-mofeta-ka-tselaba ye ba e makalle,hlooho tsa bonaba be ba di thukuthe.
17. Mohla tsatsi la ho timetswaha tjhaba sena,ke tla se furalla,se bone sekotlo feela,ke se hasanyekapele ho dira tsa sona,jwaloka moya o pukango etswa botjhabela.”
18. Yaba ba re: “Tloong, re loheleng Jeremia mano, hobane baprista ba tla nne ba be teng, ba re rute Molao; ba bohlale ba tla nne ba be teng, ba re eletse; le baporofeta ba tla nne ba be teng ho re bolella molaetsa. Tloong ke hona, re iqapeleng tseo re ka mo qosang ka tsona, re se ke ra natsa dipolelo tsa hae.”