7. “Ho lehlohonolo mothoya itshepetseng Morena,eo tshepo ya haee leng yena Morena.
8. O tla tshwana le sefatese lemilweng pela metsi,seo metso ya sonae namelang pela molatswana.Ha se ke se tshoswake ho fihla ha lebatama,mahlaku a sonaa matalana kamehla,ka nako ya komelloha se ke se tshwenyeha,kamehla se behaditholwana tsa sona.”
9. Pelo e tletse manoho feta dintho tsohle,e senyehilehoo e ke keng ya phekolwa,ke mang ya ka e utlwisisang?
10. “Ke nna Morena ya lekolang dipelo,mohopolo le wona o lekolwa ke nna.Ke putsa mothoho ya ka diketso tsa hae,ho latela tholwanatsa mesebetsi ya hae.”
11. Jwaloka nonyanae fuamang mahe e se a yona,ya ruang ka mano le yena o jwalo,bohareng ba bophelo ba haemaruo ao a tla mo fella,qetellong bothoto ba haebo bonahale.
12. Terone e tlotlehang, e phahameng,haesale ho tloha tshimolohong,ke sona sebakasa Sehalalelo sa rona.
13. Oho, wena Morena,tshepo ya Iseraele,bohle ba o furallangba tla tlontlollwa,bohle ba o furallangba tla timela,hoba ba furaletse Morena,diba sa metsi a bophelo.
14. Mphodise, Morena,mme ke tla fola,mpholose, Morena,mme ke tla pholoha,hobane ke wena eo ke mo rorisang.
15. Ba ntse ba re ho nna:“Di kae dipolelo tsela tsa Morena?ha a ke a di phethahatse jwale!”