Jeremia 17:18-23 BIBELE (SSO89SO)

18. Bahlorisi ba kaba ke ba hlabiswe dihlong,nna ke se ke ka hlabiswa dihlong;etsa hore bona ba tshohe haholo,nna ke se ke be ka tshoswa ke letho.Ako ba tlisetse tsatsi la ditlokotsi,timetso ya bonao e phethahatse habedi.

19. Morena o ile a bua tjena ho nna: “Tsamaya, o yo ema kgorong eo batho ba kenang ka yona, moo dikgosi tsa Juda di kenang di bileng di tswang le teng; o eme le dikgorong tsohle tsa Jerusalema.

20. O re ho bona: <Utlwang lentswe la Morena, lona dikgosi tsa Juda, le lona bohle ba morabe wa Juda, le lona baahi bohle ba Jerusalema, lona ba kenang ka dikgoro tsena.

21. Morena o bua tjena: Haeba le rata ho phela, itlhokomeleng, le se ke la nka thoto ka letsatsi la Sabatha, kapa la e kenya ka dikgoro tsa Jerusalema.

22. Le se ke la ntsha thoto ka matlung a lona, kapa la etsa mosebetsi ofe le ofe ka letsatsi la Sabatha. Empa lona le boloke letsatsi la Sabatha le halalela, jwalokaha ke ne ke laele bo-ntata lona moholo.

23. Feela ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha tsebe; ba ile ba satalatsa melala ya bona, hore ba se ke ba utlwa kapa hona ho ithuta.

Jeremia 17