Jeremia 17:11-26 BIBELE (SSO89SO)

11. Jwaloka nonyanae fuamang mahe e se a yona,ya ruang ka mano le yena o jwalo,bohareng ba bophelo ba haemaruo ao a tla mo fella,qetellong bothoto ba haebo bonahale.

12. Terone e tlotlehang, e phahameng,haesale ho tloha tshimolohong,ke sona sebakasa Sehalalelo sa rona.

13. Oho, wena Morena,tshepo ya Iseraele,bohle ba o furallangba tla tlontlollwa,bohle ba o furallangba tla timela,hoba ba furaletse Morena,diba sa metsi a bophelo.

14. Mphodise, Morena,mme ke tla fola,mpholose, Morena,mme ke tla pholoha,hobane ke wena eo ke mo rorisang.

15. Ba ntse ba re ho nna:“Di kae dipolelo tsela tsa Morena?ha a ke a di phethahatse jwale!”

16. Nna ha ke a kgaotsa ho ba modisaya o salang morao,ha ke eso labalabeletsatsi la ditsietsi,polelo tsa ka le wena o a di tseba.

17. Wena se ka etsa hore ke o tshohe,o setshabelo sa kanakong ya ditsietsi.

18. Bahlorisi ba kaba ke ba hlabiswe dihlong,nna ke se ke ka hlabiswa dihlong;etsa hore bona ba tshohe haholo,nna ke se ke be ka tshoswa ke letho.Ako ba tlisetse tsatsi la ditlokotsi,timetso ya bonao e phethahatse habedi.

19. Morena o ile a bua tjena ho nna: “Tsamaya, o yo ema kgorong eo batho ba kenang ka yona, moo dikgosi tsa Juda di kenang di bileng di tswang le teng; o eme le dikgorong tsohle tsa Jerusalema.

20. O re ho bona: <Utlwang lentswe la Morena, lona dikgosi tsa Juda, le lona bohle ba morabe wa Juda, le lona baahi bohle ba Jerusalema, lona ba kenang ka dikgoro tsena.

21. Morena o bua tjena: Haeba le rata ho phela, itlhokomeleng, le se ke la nka thoto ka letsatsi la Sabatha, kapa la e kenya ka dikgoro tsa Jerusalema.

22. Le se ke la ntsha thoto ka matlung a lona, kapa la etsa mosebetsi ofe le ofe ka letsatsi la Sabatha. Empa lona le boloke letsatsi la Sabatha le halalela, jwalokaha ke ne ke laele bo-ntata lona moholo.

23. Feela ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha tsebe; ba ile ba satalatsa melala ya bona, hore ba se ke ba utlwa kapa hona ho ithuta.

24. Empa haeba lona le ka mmamela ka hloko,> ho rialo Morena, <la se ke la kenya thoto ka dikgoro tsa motse ona ka letsatsi la Sabatha, la halaletsa letsatsi la Sabatha ka ho se etse mosebetsi ofe kapa ofe ka lona,

25. dikgosi tse dutseng teroneng ya Davida, mmoho le mahosana a tsona, di tla kena ka dikgoro tsa motse ona. Dikgosi tseo, mmoho le mahosana a tsona, di tla kena di palame dikariki tsa ntwa, di palame le dipere, di ena le banna ba Juda le baahi ba Jerusalema, mme motse ona o tla ba le baahi kamehla yohle.

26. Batho ba tla tla ba etswa metseng ya Juda, le dibakeng tse potapotileng Jerusalema; ba etswa le naheng ya Benjamine, le diphuleng, le dithabeng, le naheng e ka Borwa, ba tlise dinyehelo tsa setjheso le mahlabelo, le dinyehelo tsa dijo, le mokubetso, le dinyehelo tsa teboho, ba di tlise ka tlung ya Morena.

Jeremia 17