Jeremia 17:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. “Sebe sa Bajuda se ngotsweka pene ya tshepe,sa ngolwa pelong tsa bona,sa ngolwa ka daemane e le ntjhotjho,sa ngolwa le manakenga dialetare tsa bona.

2. Le bana ba bona ba ntse ba hopola,ba hopola dialetare tsa bona,aletare tsa Ashera,tse tlasa fate tse talanatse hodima maralla.

3. Thaba ya ka le naha e e potileng,maruo le matlotlo wohle a lona,tsena ke tla fana ka tsonae be lelobelo,ke fane ka dibaka tsa lona,baka tsa lona tsa borapedi,ka baka la sebese entsweng naheng ena yohle.

4. Ka baka la phoso tsa lonale tla lahlehelwa,le lahlehelwe ke lefake le file lona.Ke tla le etsa makgobaa dira tsa lona,ke le etse makgobanaheng eo le sa e tsebeng,hobane le entsehore kgalefo ya ka e tuke,e laime malakabe kamehla yohle.”

5. Morena o bua tjena:“Ho ke ho rohakeheya itshepisitseng batho,yena ya tshepileng matlaa letsoho la hae,eo pelo ya haee furaletseng Morena.

6. O tla tshwana le sehlahlase metseng hara lehwatata,ha a ka ke a bonale tse molemo ha di etla.O tla aha matswatlarenga omeletseng a lehwatata,a ahe naheng e lenyekethe,e hlokang baahi.

7. “Ho lehlohonolo mothoya itshepetseng Morena,eo tshepo ya haee leng yena Morena.

8. O tla tshwana le sefatese lemilweng pela metsi,seo metso ya sonae namelang pela molatswana.Ha se ke se tshoswake ho fihla ha lebatama,mahlaku a sonaa matalana kamehla,ka nako ya komelloha se ke se tshwenyeha,kamehla se behaditholwana tsa sona.”

9. Pelo e tletse manoho feta dintho tsohle,e senyehilehoo e ke keng ya phekolwa,ke mang ya ka e utlwisisang?

Jeremia 17