5. Morena o bua tjena: “O se ke wa kena ka tlung e nang le bofifi, o se ke wa lla le ba ka ho yona kapa wa ba tshedisa, hobane ke amohile setjhaba sena kgotso ya ka le lerato la ka le kutlwelobohloko ya ka,” ho rialo Morena.
6. “Ba hlomphehang le ba eisehang ba tla shwela naheng ena. Ha ba na ho epelwa leha e le ho llelwa; ha ho ya tla iphatsa kapa a kute moriri wa hae ho bontsha maswabi a hae.
7. Ha ho ya tla fepa le ho tshedisa ya llelang bafu, leha e le ya llelang ntatae kapa mmae. Ha ho ya tla ba nea ho nowang ho ba tshedisa.
8. “O se ke wa kena ka tlung e nang le mokete, wa dula ka ho yona, yaba o a ja, o a nwa.
9. Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Mehleng ena ya lona, moo le ntseng le bona, hona sebakeng sena, ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo; ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa.>
10. “Etlare ha o bolella setjhaba sena dintho tsena tsohle, se o botse, se re: <Ke hobaneng ha Morena a re reretse koduwa e kgolo hakaale? Re entse bokgopo bofe? Sebe seo re sitetsweng Morena Modimo wa rona ka sona, ke sefe?>
11. Jwale wena o tle o re ho sona: <Ke hobane bo-ntata lona ba ile ba mphuralla,> ho rialo Morena, <ba latela medimo esele, ba e sebeletsa, ba e kgumamela. Nna ba ile ba mphuralla, ba se ke ba boloka melao ya ka.
12. Jwale le lona le entse bokgopo bo fetang ba bo-ntata lona. E mong le e mong wa lona o latela ditakatso tsa pelo ya hae e kgopo, e manganga, ha a mmamele.
13. Ka baka leo, ke tla le phahla naheng ena, ke le ise naheng eo lona le bo-ntata lona le sa kang la e tseba. Naheng eo, bosiu le motsheare, le tla sebeletsa medimo esele, hobane nke ke ka le hauhela.>