14. “Ka baka leo, bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “matsatsi ao ka wona ho ke keng ha hlola ho thwe: <Re hlapanya ka Morena ya phelang, ya ileng a nyolla bana ba Iseraele naheng ya Egepeta.>
15. Empa ho tla thwe: <Re hlapanya ka Morena ya phelang, ya ileng a nyolla bana ba Iseraele naheng e ka leboya, le dinaheng tsohle tseo a neng a ba leleketse ho tsona,> hobane ke tla ba kgutlisetsa naheng eo ke ileng ka e nea bo-ntata bona moholo.
16. “Ke tla romela batshwasi ba ditlhapi ba bangata,” ho rialo Morena, “mme ba tla ba tshwasa. Hamorao ke tla romela ditsomi tse ngata, mme di tla ba tsoma dithabeng tsohle, le maralleng wohle, le mafarung a mafika.
17. Mahlo a ka a tadimile metsamao yohle ya bona; ha e a pateha ho nna, esita le dibe tsa bona ha di a pateha mahlong a ka.
18. Ke tla ba otlela bokgopo ba bona le dibe tsa bona habedi, hobane ba silafaditse naha ena ya ka, ba e tlatsa dikoqo tse omeletseng tsa medimo ya bona ya bohata, e nyonyehang.”
19. Wena Morena, matla a kale qhobosheane ya ka,wena tshabelo sa kanakong ya ditsietsi;baditjhaba ba tla itlisa ho wena,ba itliseba etswa pheletsong tsa lefatshe,ba re: “Bo-ntata rona ba jele lefala mashano le la mafeela,la medingwana ya mafeelae se nang molemo.
20. Na motho a ka tsebaho iketsetsa modimo?E, empa eo yona hase medimo!”