12. Jwale le lona le entse bokgopo bo fetang ba bo-ntata lona. E mong le e mong wa lona o latela ditakatso tsa pelo ya hae e kgopo, e manganga, ha a mmamele.
13. Ka baka leo, ke tla le phahla naheng ena, ke le ise naheng eo lona le bo-ntata lona le sa kang la e tseba. Naheng eo, bosiu le motsheare, le tla sebeletsa medimo esele, hobane nke ke ka le hauhela.>
14. “Ka baka leo, bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “matsatsi ao ka wona ho ke keng ha hlola ho thwe: <Re hlapanya ka Morena ya phelang, ya ileng a nyolla bana ba Iseraele naheng ya Egepeta.>
15. Empa ho tla thwe: <Re hlapanya ka Morena ya phelang, ya ileng a nyolla bana ba Iseraele naheng e ka leboya, le dinaheng tsohle tseo a neng a ba leleketse ho tsona,> hobane ke tla ba kgutlisetsa naheng eo ke ileng ka e nea bo-ntata bona moholo.