Jeremia 15:9-12 BIBELE (SSO89SO)

9. Ya nang le bana ba supilengo tla kgathala,a kgathalle ruri, a idibane.Tsatsi le tla mo dikellae ntse le motsheare,a hlajwe ke dihlong,a be a tlontlolohe.Masalla a setjhabake tla neelana ka wona,ke a nee diradi a bolaye ka sabole,”ho rialo Morena.

10. Ke madimabe hakaakang, mme,ha o ila wa mpeleha,wa mpelehelahore ke be motho wa diqabang,motho wa mefereferehara lefatshe lohle!Ha ke a ka ka adimakapa ka adimana,empa e mong le e mongo a nthohaka.

11. Yaba Morena o re:“Ruri wenake tla o matlafatsa haholo,ruri dira tsa haodi tla be di o rapele,di o rapele nakong ya mahlonoko,di o rapele le nakong ya ditsietsi.

12. “Na motho a ka roba tshepe,a roba tshepe kapa lethosele tswang leboya?

Jeremia 15