Jeremia 15:4-11 BIBELE (SSO89SO)

4. Ke tla etsa hore mebuso yohle ya lefatshe e thothomele ke tshabo ka baka la seo Manase, mora wa Hesekiya, kgosi ya Juda, a neng a se etse Jerusalema.

5. “O tla utlwelwa bohloko ke mang,wena Jerusalema?O tla llelwa ke mang,wena Jerusalema?O tla fapohelwa ke mangho o botsa bophelo?

6. Ke furaletswe ke wena,wa nna tjhetjha ka santhao,”ho rialo Morena.“Ke tla o tshwaraka letsoho la ka ke o timetse,ke se ke kgathetse ke ho o hauhela.

7. Ke tla ba feferaka fereko ya ho fefera,ke ba feferele menyakong ya motse.Ke tla ba bolaela bana,tjhaba sa ka ke se fedise,hobane tsela tsa sona tse kgopoha se a di kgeloha.

8. Ke tla eketsa bahlolohadihara setjhaba sena,ba ngatafaleho feta hlabathe la lewatle.Hara mpa motsheareke tla tlisa motimetsi,a timetse basadiba tswetseng bahlankana,hanghang tshabo le thothomelodi ba wele hodimo.

9. Ya nang le bana ba supilengo tla kgathala,a kgathalle ruri, a idibane.Tsatsi le tla mo dikellae ntse le motsheare,a hlajwe ke dihlong,a be a tlontlolohe.Masalla a setjhabake tla neelana ka wona,ke a nee diradi a bolaye ka sabole,”ho rialo Morena.

10. Ke madimabe hakaakang, mme,ha o ila wa mpeleha,wa mpelehelahore ke be motho wa diqabang,motho wa mefereferehara lefatshe lohle!Ha ke a ka ka adimakapa ka adimana,empa e mong le e mongo a nthohaka.

11. Yaba Morena o re:“Ruri wenake tla o matlafatsa haholo,ruri dira tsa haodi tla be di o rapele,di o rapele nakong ya mahlonoko,di o rapele le nakong ya ditsietsi.

Jeremia 15