17. Ha ke eso ka ke dulamokgatlong wa basomi,ha ke eso ka ke ithabisa le bona;ke ituletse ke le inotshika baka la matla a hao,hobane o entsehore ke halefe haholo.
18. Ke hobaneng bohloko ba kaha bo sa fele?Qeba la ka le phephetha boladu,le hana ho fola?Na o tla itshwantshale mothetsi ho nna,o be jwaloka sediba,diba se metsi a pshang?”
19. Ka baka leo, Morena o bua tjena:“Haeba o ka bakake tla o busetsa tulong tsa hao,haeba o bua polelo tse ntlee seng tsa mafeela,e tla ba wena molomo wa ka,o ntshebeletse,tjhaba sena se ye ka ditsela tsa hao,e seng wena o ye ka ditsela tsa sona.
20. Ke tla o etsa lerakole haheleditsweng la lethose,tjhaba senao tlo tsebe ho se hlola.Se tla o lwantsha,empa se ke ke be sa o hlola,hoba ke na le wenaho o pholosa le ho o lopolla,”ho rialo Morena.
21. “Ke tla o pholosamatsohong a ba kgopo,ke o lopollematsohong a ba sehloho.”