Jeremia 15:10-21 BIBELE (SSO89SO)

10. Ke madimabe hakaakang, mme,ha o ila wa mpeleha,wa mpelehelahore ke be motho wa diqabang,motho wa mefereferehara lefatshe lohle!Ha ke a ka ka adimakapa ka adimana,empa e mong le e mongo a nthohaka.

11. Yaba Morena o re:“Ruri wenake tla o matlafatsa haholo,ruri dira tsa haodi tla be di o rapele,di o rapele nakong ya mahlonoko,di o rapele le nakong ya ditsietsi.

12. “Na motho a ka roba tshepe,a roba tshepe kapa lethosele tswang leboya?

13. Matlotlo a hao le maruo a hao,ke tla neelana ka wona,a etswe lelobeloka thupa ya mmowana,ka baka la dibe tsohle tsa hao,dibe tseo o di entsengnaheng ena yohle.

14. Ke tla o etsa lekgoba,kgoba la dira tsa hao,ke o etse lekgobanaheng eo o sa e tsebeng.Kgalefo ya ka e tla hotetsa mollo,e hotetse mollo o tla o tjhesa.”

15. “O a tseba, wena Morena,ako nkgopole, o ke o nketele,ako mphetetse ho batubi ba ka;kaha o na le mamello,se ke wa ntimetsa,hopola ke hlapaolwaka lebaka la hao.

16. Hoba ke utlwe dipolelo tsa hao,di ile tsa ka bohobe ho nna,ka di ja,ya eba thabo le monyakawa pelo ya ka,hobane nnake bitswa ka lebitso la hao,oho, wena Morena,Modimo wa mabotho!

17. Ha ke eso ka ke dulamokgatlong wa basomi,ha ke eso ka ke ithabisa le bona;ke ituletse ke le inotshika baka la matla a hao,hobane o entsehore ke halefe haholo.

18. Ke hobaneng bohloko ba kaha bo sa fele?Qeba la ka le phephetha boladu,le hana ho fola?Na o tla itshwantshale mothetsi ho nna,o be jwaloka sediba,diba se metsi a pshang?”

19. Ka baka leo, Morena o bua tjena:“Haeba o ka bakake tla o busetsa tulong tsa hao,haeba o bua polelo tse ntlee seng tsa mafeela,e tla ba wena molomo wa ka,o ntshebeletse,tjhaba sena se ye ka ditsela tsa hao,e seng wena o ye ka ditsela tsa sona.

20. Ke tla o etsa lerakole haheleditsweng la lethose,tjhaba senao tlo tsebe ho se hlola.Se tla o lwantsha,empa se ke ke be sa o hlola,hoba ke na le wenaho o pholosa le ho o lopolla,”ho rialo Morena.

21. “Ke tla o pholosamatsohong a ba kgopo,ke o lopollematsohong a ba sehloho.”

Jeremia 15