Jeremia 15:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Jwale Morena a re ho nna: “Leha Moshe le Samuele ba ne ba ka ema kapele ho nna mona, pelo ya ka e ne e ke ke ya utlwela setjhaba sena bohloko. Tlosa batho bana kapele ho nna! Ere ba tsamaye!

2. Haeba ba ka re ho wena: <Re tla ya kae?> ba bolelle, o re: <Morena o bua tjena:“ <Ba abetsweng lefu,ba tla bolawa ke lefu,ba abetsweng sabole,ba tla bolawa ke sabole,ba abetsweng sekoboto,ba tla bolawa ke sekoboto,ba abetsweng bothopuwa,ba tla thopuwa.>

3. “Ke ba kgethetse mekgwa e mene ya ho ba timetsa,” ho rialo Morena. “Sabole e tla ba bolaya, dintja di tla ba harola, dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha di tla ba ja, di ba fedise.

4. Ke tla etsa hore mebuso yohle ya lefatshe e thothomele ke tshabo ka baka la seo Manase, mora wa Hesekiya, kgosi ya Juda, a neng a se etse Jerusalema.

5. “O tla utlwelwa bohloko ke mang,wena Jerusalema?O tla llelwa ke mang,wena Jerusalema?O tla fapohelwa ke mangho o botsa bophelo?

6. Ke furaletswe ke wena,wa nna tjhetjha ka santhao,”ho rialo Morena.“Ke tla o tshwaraka letsoho la ka ke o timetse,ke se ke kgathetse ke ho o hauhela.

7. Ke tla ba feferaka fereko ya ho fefera,ke ba feferele menyakong ya motse.Ke tla ba bolaela bana,tjhaba sa ka ke se fedise,hobane tsela tsa sona tse kgopoha se a di kgeloha.

Jeremia 15