7. Oho, Morena,leha re qoswa ke dibe tsa rona,ako re thuseka baka la lebitso la hao.Re kgelohile haholo,re fela re o sitetswe!
8. Oho, wena tshepo ya Iseraele,Mopholosi wa yonaka nako ya ditsietsi,ke hobanengo kang moeti naheng ee,o kang motsamaiya fapohelang ho robaletsa?
9. Ke hobanengo kang motho ya tsielehileng?O kang senatlase sitwang ho re pholosa?Oho, Morena, wena o hara rona,wena o itse re setjhaba sa hao;oho, se re furalle ke hona!
10. Morena o bua tjena ka setjhaba sa hae:“Se rata ho lelera haholo,se sitwa ho thibela maoto a sona.Kahoo Morena ha a se amohele,jwale o tla hopola bokgopo ba sona,a se otle ka baka la dibe tsa sona.”
11. Jwale Morena a re ho nna: “O se ke wa rapella katleho ya setjhaba sena.
12. Leha se ka itima dijo, nke ke ka mamela sello sa sona; leha se ka etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa dino, tsena nke ke ka di amohela. Empa ke tla se timetsa ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa.”
13. Yaba ke re: “Ao! Morena Modimo, ako bone! Ke baporofeta ba ntseng ba re ho sona: <Le ke ke la bona sabole kapa la bolawa ke sekoboto. Ruri ke tla le nea kgotso ya kamehla yohle sebakeng sena.> ”
14. Jwale Morena a re ho nna: “Baporofeta ba porofeta leshano ka lebitso la ka. Ha ke eso ka ke ba roma, kapa ho ba laela, leha e le ho bua le bona. Ba porofeta dipono tsa bohata, le bonohe ba leshano, le dintho tsa mafeela, le dithetso tse tswang dipelong tsa bona.”
15. Ka baka lena, Morena o bua tjena ka baporofeta bana ba porofetang ka lebitso la hae: “Ha ke eso ka ke ba roma, empa bona ba re: <Ha ho na ho ba le sabole kapa sekoboto naheng ena.> Baporofeta bao ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto.
16. “Setjhaba seo ba se porofetelang, se tla lahlelwa diterateng tsa Jerusalema ka baka la sekoboto le sabole. Ha ho ya tla se epela, kapa ya tla epela basadi ba sona, bara ba sona kapa baradi ba sona. Ke tla se dihela koduwa ka baka la bokgopo ba sona.
17. “Ka baka leo, o tlo se bolelle mantswe ana:“ <Mahlo a ka a ke a keleketle dikeledi,di keleketle bosiu le motsheare,di keleketle di se ke tsa kgaotsa,hoba moradi wa morwetsana,e leng tjhaba sa ka,o qhemeditswe, a etswa ditsekana,maqeba a hae ha a ka ke a fola.
18. Ha ke tsamaya ke kena hara naha,ke bona ba bolailweng ka sabole!Ha ke re ke kena kahara motse,ke bona ba bolailweng ke sekoboto!Moporofeta le mopristaka ho tshwanaba lelera hara nahaba sa e tsebe.> ”
19. “Na o fela o lahlile Juda ho hang?na o fela o se o nyonya Sione?Ke hobaneng ha o re otlile,re se na pheko?Re ne re lebeletse kgotso,empa molemo ha re o fumane;re ne re lebeletsenako ya ho fodiswa,empa re bona ditsietsi feela!
20. Morena, re ipolela bokgopo,bokgopo ba rona;re bolela le molato,molato wa bo-ntata rona,hobane re fela re o sitetswe.