Jeremia 14:19-22 BIBELE (SSO89SO)

19. “Na o fela o lahlile Juda ho hang?na o fela o se o nyonya Sione?Ke hobaneng ha o re otlile,re se na pheko?Re ne re lebeletse kgotso,empa molemo ha re o fumane;re ne re lebeletsenako ya ho fodiswa,empa re bona ditsietsi feela!

20. Morena, re ipolela bokgopo,bokgopo ba rona;re bolela le molato,molato wa bo-ntata rona,hobane re fela re o sitetswe.

21. Ka baka la bitso la haoo se ke wa re nyonya,o se ke wa tlontlollaterone e tlotlehang ya hao.Hopola selekaneseo o se entseng le rona,o se hopole,o se ke wa se fedisa.

22. Hara medingwana ya mafeela,medingwana ya baditjhaba,na o tengo ka tsebang ho nesa pula?Na lehodimole theola mafafatsane ka bolona?Na hase wena Morena,Modimo wa rona?Ka baka leo, rona re tshepile wena,hoba tsena tsohle di etswa ke wena.”

Jeremia 14