1. Lena ke lentswe la Morena, le ileng la fihla ho Jeremia, malebana le komello:
2. “Juda e bofifing,metse e shwa ke lenyora,tjhaba se rapaletse fatshe,se apere bofifi,sello sa Jerusalemale sona se hlaba hodimo!
3. Mahosana a rometse bahlankaho ya kga metsi,ba fihla didibeng,ba fumana di se na metsi;ba kgutla dinkgo tsa bona di le feela,ba hlabilwe ke dihlong, ba tsielehile,matsoho ba a beile hodima dihlooho.
4. Naha e omeletsehobane pula ha e yo,balemi le bonapelo tsa bona di nyahame,matsoho ba a beile hodima dihlooho.
5. Kgama le yonae tswaletse hara naha,e siile ledinyanehoja e qeta ho le tswala,e le siyahobane naha e se na jwang.
6. Tonki tse hlaha,hodima maralla a phollatsi,di fofonela moyajwalokaha eka ke diphokojwe,mahlo a tsona a a eba,hobane jwang ha bo yo!”
7. Oho, Morena,leha re qoswa ke dibe tsa rona,ako re thuseka baka la lebitso la hao.Re kgelohile haholo,re fela re o sitetswe!
8. Oho, wena tshepo ya Iseraele,Mopholosi wa yonaka nako ya ditsietsi,ke hobanengo kang moeti naheng ee,o kang motsamaiya fapohelang ho robaletsa?
9. Ke hobanengo kang motho ya tsielehileng?O kang senatlase sitwang ho re pholosa?Oho, Morena, wena o hara rona,wena o itse re setjhaba sa hao;oho, se re furalle ke hona!
10. Morena o bua tjena ka setjhaba sa hae:“Se rata ho lelera haholo,se sitwa ho thibela maoto a sona.Kahoo Morena ha a se amohele,jwale o tla hopola bokgopo ba sona,a se otle ka baka la dibe tsa sona.”
11. Jwale Morena a re ho nna: “O se ke wa rapella katleho ya setjhaba sena.
12. Leha se ka itima dijo, nke ke ka mamela sello sa sona; leha se ka etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa dino, tsena nke ke ka di amohela. Empa ke tla se timetsa ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa.”
13. Yaba ke re: “Ao! Morena Modimo, ako bone! Ke baporofeta ba ntseng ba re ho sona: <Le ke ke la bona sabole kapa la bolawa ke sekoboto. Ruri ke tla le nea kgotso ya kamehla yohle sebakeng sena.> ”
14. Jwale Morena a re ho nna: “Baporofeta ba porofeta leshano ka lebitso la ka. Ha ke eso ka ke ba roma, kapa ho ba laela, leha e le ho bua le bona. Ba porofeta dipono tsa bohata, le bonohe ba leshano, le dintho tsa mafeela, le dithetso tse tswang dipelong tsa bona.”
15. Ka baka lena, Morena o bua tjena ka baporofeta bana ba porofetang ka lebitso la hae: “Ha ke eso ka ke ba roma, empa bona ba re: <Ha ho na ho ba le sabole kapa sekoboto naheng ena.> Baporofeta bao ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto.
16. “Setjhaba seo ba se porofetelang, se tla lahlelwa diterateng tsa Jerusalema ka baka la sekoboto le sabole. Ha ho ya tla se epela, kapa ya tla epela basadi ba sona, bara ba sona kapa baradi ba sona. Ke tla se dihela koduwa ka baka la bokgopo ba sona.