9. Morena o bua tjena: “Jwalokaha senyepa sena se senyehile, le boikgantsho ba Juda, le boikgantsho bo boholo ba Jerusalema, ke tla bo fedisa jwalo.
10. Setjhaba sena se kgopo, se hanang ho mamela dipolelo tsa ka, se latelang ditakatso tsa dipelo tsa sona tse manganga, se latelang medimo esele, se e sebeletsang, se e kgumamelang, se tla ba jwaloka senyepa sena se seng se hloka thuso ho hang.
11. Jwalokaha senyepa se tlamellwa thekeng la motho, ke ile ka tlamella ntlo ya Iseraele le ntlo ya Juda ho nna,” ho rialo Morena, “hore e be setjhaba sa ka se tla ntumisa, se nthorise, se ntlotle. Empa ha se a ka sa mamela.
12. “Ka baka leo, o tle o bolelle setjhaba seo, o re: <Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Makuka wohle a veine a tlatswe veine,> empa sona se tla re ho wena: <O re ha re tsebe hore makuka wohle a tshwanetse ho tlatswa veine?>
13. Ebe wena o re ho sona: <Morena o bua tjena: Bonang mona, baahi bohle ba naha ena, esita le dikgosi tse dutseng teroneng ya Davida, le baprista, le baporofeta, le baahi bohle ba Jerusalema, bohle ke tla ba tlopa veine.