Jeremia 13:20-27 BIBELE (SSO89SO)

20. Phahamisang mahlo a lona,le bone ba le futuhelangba etswa leboya.O kae mohlape oo o neng o o disa,mohlape wa hao o neng o kgahleha?

21. O tla rengha bao o no re ke metswalle,ba o hlweswa hodimo,e eba babusi ba hao?Na ha o na ho tshwarwa ke mahlaba,o tshwarwe ke mahlabasa mosadi a kena tlung?

22. Ha o ka ipotsa ka pelong ya hao,wa re: “Ke ka baka langha tsee di ntlhahetse?”Ka baka la dibe tsa haotse ngatangata,mese ya hao e ila apolelwa hodimo,mmele wa hao wa sala o le feela.

23. Na Mokushea ka fetola lebala la hae,kapa lengaula fetola maroboko a lona?Haeba ho jwalo,le lona ba itlwaeditseng tse mpele ka nna la tseba ho etsa tse ntle!

24. “Kahoo ke tla ba hasanyasa mmoko o fefoha,o fefolwa ke moya wa lehwatata.

25. Lena ke lona lefa la hao,ke seabo seo ke se abetseng wena,hobane wena o ila ntebala,wa itshepela medimo ya bohata,”ho rialo Morena.

26. “Kahoo ke apotse mese ya hao,ka e apolela hodimo,ke o kwahetse ka yona mahlong,bofeela ba hao bo lepalapaleng.

27. Bofebe ba hao ke bo bone hantle,le ho lla ha haoho kang ha pere e palesitse!Ke bone diketso tsa bootswa ba hao,le manyala a haohodima maralla le masimong.O madimabe hakaakang,wena Jerusalema!O tla ba sesila ho fihlela neng?”

Jeremia 13