Jeremia 13:11-19 BIBELE (SSO89SO)

11. Jwalokaha senyepa se tlamellwa thekeng la motho, ke ile ka tlamella ntlo ya Iseraele le ntlo ya Juda ho nna,” ho rialo Morena, “hore e be setjhaba sa ka se tla ntumisa, se nthorise, se ntlotle. Empa ha se a ka sa mamela.

12. “Ka baka leo, o tle o bolelle setjhaba seo, o re: <Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Makuka wohle a veine a tlatswe veine,> empa sona se tla re ho wena: <O re ha re tsebe hore makuka wohle a tshwanetse ho tlatswa veine?>

13. Ebe wena o re ho sona: <Morena o bua tjena: Bonang mona, baahi bohle ba naha ena, esita le dikgosi tse dutseng teroneng ya Davida, le baprista, le baporofeta, le baahi bohle ba Jerusalema, bohle ke tla ba tlopa veine.

14. Ke tla ba thulanya ka dihlooho, esita le bo-ntata le bara ba bona,> ho rialo Morena. <Ha ke na ho ba le kutlwelobohloko, kapa lereko; ke tla ba timetsa!> ”

15. Theang tsebe le mamele,le se ke la ikakasa,hoba ke Morena ya seng a buile.

16. Tlotlisang Morena,Morena Modimo wa lona,mo tlotliseng a eso tlise lefifi,maoto a lonaa eso kgothometsehe,a kgothometsehahodima thaba tse lefifi.Lona le lebeletse lesedi,Morena o tla le fetolafifi le letsholetsho,a le fetolefifi la bo-nka-ntjana!

17. Empa haeba le ke ke la mamela,ke tla llelaboikgohomoso ba lona sephiring,mahlo a ka a keleketle dikeledi,hobane mohlape wa Morenao tla bo thopilwe.

18. Ere ho kgosile ho mofumahadi, mmakgosi:“Theohang diteroneng le ikokobetse,hoba le rodisitswemefapahlooho ya tlotla.”

19. Metse e ka Borwae etseditswe thibella,ha ho le ya mongya kenang ho yona,baahi bohle ba Juda ba a thopuwa,ba a thopuwa, e ba kgorolakoqo.

Jeremia 13