5. “Ha o ila wa kgathalao ipeisa le batho,jwale dipereo tla ipeisa jwang le tsona?Haeba o ka kgoptjwanaheng e bataletseng,mahohoding a Jorodaneo ka tsamaya jwang?
6. Bang ka wena esita le bana beno,bana le bona ba o ekile,ba kene hara letshweleho o lwantsha,o se ka ba tshepa,leha ba o buisa hantle.”
7. “Ke furaletse ntlo ya ka,ka siya lefa la ka,moratuwa ka neelana ka yena,matsohong a dira tsa hae.
8. Lefa la ka le tshwana le tau ya moru;e a nthorela, kahoo ke e hloile.
9. Lefa la ka le tshwana le nonyana,nonyana e kgwarahlana,e ubellwangke nonyana tse ding kamahohle.Tsamayang le yo phuthabatana tsohle tsa naha,le di phuthe di tle moketeng.
10. Badisa ba bangataba sentse tshimo ya ka,ba hataketse morara wa yona,ba o hatakela ka maoto,tshimo ya ka e ntleba e fetola lehwatata.
11. Ba e fetotse lehwatata le omeletseng,le nkotlang pelo ha ke le bona.Naha yohle e fetohile lehwatata,hobane ha ho le ya mongya e tsotellang.
12. Maralla wohle a lehwatatenga nyeunya basenyi,hobane sabole ya Morenae tla timetsa tsohle,e timetsedipheletso tsohle tsa lefatshe,ha ho le ya mongya tla phela ka kgotso.
13. Ba jetse koro,ba kotula hlabahlabane,ba sebetsa ka thata,ba sebeletse lelea,kotulo ya bonae ba hlabisitse dihlong,ka baka la kgalefo ya Morena,kgalefo e tlokomang.”
14. Ho bohle ba kgopo, bao re ahisaneng le bona, ba hapang naha eo ke e neileng setjhaba sa ka sa Iseraele, Morena o bua tjena: “Ke tla ba tlosa dinaheng tsa bona, ba ntlo ya Juda ke ba ntshe kahara bona.
15. Ha ke se ke ba tlositse ke tla boela ke ba hauhela, mme setjhaba ka seng ke se kgutlisetse naheng ya sona.