Jeremia 12:12-17 BIBELE (SSO89SO)

12. Maralla wohle a lehwatatenga nyeunya basenyi,hobane sabole ya Morenae tla timetsa tsohle,e timetsedipheletso tsohle tsa lefatshe,ha ho le ya mongya tla phela ka kgotso.

13. Ba jetse koro,ba kotula hlabahlabane,ba sebetsa ka thata,ba sebeletse lelea,kotulo ya bonae ba hlabisitse dihlong,ka baka la kgalefo ya Morena,kgalefo e tlokomang.”

14. Ho bohle ba kgopo, bao re ahisaneng le bona, ba hapang naha eo ke e neileng setjhaba sa ka sa Iseraele, Morena o bua tjena: “Ke tla ba tlosa dinaheng tsa bona, ba ntlo ya Juda ke ba ntshe kahara bona.

15. Ha ke se ke ba tlositse ke tla boela ke ba hauhela, mme setjhaba ka seng ke se kgutlisetse naheng ya sona.

16. Haeba ba ithuta mekgwa ya setjhaba sa ka hantle, mme ba hlapanya ka lebitso la ka, jwalokaha ba ile ba ruta setjhaba sa ka ho hlapanya ka Baale, ba re: <Ka Morena ya phelang,> ba tla tsitsa hara setjhaba sa ka.

17. Empa haeba setjhaba sefe kapa sefe se sa mamele, ke tla se fedisa ho hang, ke se timetse,” ho rialo Morena.

Jeremia 12