Jeremia 12:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Wena Morena, o lokile kamehla,ha ke bea nyewe ya kakapele ho wena, o lokile,empa a nke ke bue le wenaka toka ya hao:Ke hobaneng ha ba kgopoba atleha mererong ya bona?Ke hobaneng ha ba bolotsanaba phela ka boiketlo?

2. O ba hlomile,metso ya bona e tebile;ba a mela, ba beha ditholwana.Ba bua ka wena ka molomo feela,empa pelo tsa bona tsonadi hole le wena!

3. Wena Morena, o ntseba hantle,o a mpona,o lekola menahano ya kamabapa le wena.Ba hule sa nku e iswa tlhabong!Wena o ba beele kathoko,bakeng sa tsatsi la tlhaboba beele kathoko.

4. Naha ee e tla dula e omeletse,e dule e omeletse ho fihlela neng,dimela di pone ho fihlela neng?Kahobane ba phelang naheng enaba kgopo,diphoofolo le dinonyana di shwele.Ho feta mona, batho ba re:“Ha a na ho bonaseo re se etsang.”

5. “Ha o ila wa kgathalao ipeisa le batho,jwale dipereo tla ipeisa jwang le tsona?Haeba o ka kgoptjwanaheng e bataletseng,mahohoding a Jorodaneo ka tsamaya jwang?

6. Bang ka wena esita le bana beno,bana le bona ba o ekile,ba kene hara letshweleho o lwantsha,o se ka ba tshepa,leha ba o buisa hantle.”

7. “Ke furaletse ntlo ya ka,ka siya lefa la ka,moratuwa ka neelana ka yena,matsohong a dira tsa hae.

8. Lefa la ka le tshwana le tau ya moru;e a nthorela, kahoo ke e hloile.

9. Lefa la ka le tshwana le nonyana,nonyana e kgwarahlana,e ubellwangke nonyana tse ding kamahohle.Tsamayang le yo phuthabatana tsohle tsa naha,le di phuthe di tle moketeng.

10. Badisa ba bangataba sentse tshimo ya ka,ba hataketse morara wa yona,ba o hatakela ka maoto,tshimo ya ka e ntleba e fetola lehwatata.

11. Ba e fetotse lehwatata le omeletseng,le nkotlang pelo ha ke le bona.Naha yohle e fetohile lehwatata,hobane ha ho le ya mongya e tsotellang.

12. Maralla wohle a lehwatatenga nyeunya basenyi,hobane sabole ya Morenae tla timetsa tsohle,e timetsedipheletso tsohle tsa lefatshe,ha ho le ya mongya tla phela ka kgotso.

Jeremia 12