9. Yaba Morena o re ho nna: “Hara banna ba Juda le baahi ba Jerusalema ho na le mahlabaphiyo.
10. Ba kgutletse dibeng tsa bo-ntata bona moholo, ba neng ba hane ho mamela dipolelo tsa ka. Ba latetse medimo esele, ba e sebeletsa. Ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda ba sentse selekane seo ke neng ke se etse le bo-ntata bona.”
11. Ka baka lena, Morena o bua tjena: “Ke tla ba dihela koduwa eo ba ke keng ba e phema. Leha ba ka ipiletsa ho nna ha nka ke ka ba mamela.
12. Ba metse ya Juda le baahi ba Jerusalema ba tla ya ba ipiletse ho medimo ya bona, eo ba e tjhesetsang mekubetso, empa medimo eo e ke ke ya ba pholosa ho hang, ha koduwa e ba wela hodimo.
13. Palo ya medimo ya lona, lona baahi ba Juda, e kaalo ka palo ya metse ya lona; le palo ya dialetare tseo le di hahetseng ntho e hlabisang dihlong ena, e kaalo ka palo ya diterata tsa Jerusalema, e leng dialetare tseo ho tsona le tjhesetsang Baale mokubetso.
14. “Ka baka lena, o se ke wa rapella setjhaba sena, kapa wa se etsetsa thapedi, hobane ha ke na ho mamela ha se ipiletsa ho nna nakong ya ditsietsi tsa sona.
15. “Moratuwa o etsangka tempeleng ya ka,ha e le mooa rera merero ya bolotsana?Ebe nama tsa mahlabelodi ka o phemisa kotlo ya hao?Ha o etsa bokgopoeba jwale o a thaba!”
16. Morena o ile a o rea lebitso,a re o fate sa mohlwaarese setalana, se kgahlehang,se behang tholwana di le monate.Empa ka modumo,modumo o thwathwaretsang,o ila hotetsa mollo hodimo sona,makala a sona a etjha, a re lore!