Jeremia 11:5-11 BIBELE (SSO89SO)

5. Ke tla phetha kano eo ke neng ke e etsetse bo-ntata lona, ya hore ke tla ba nea naha e phallang lebese le mahe a dinotshi, e leng naha ena eo e leng ya lona kajeno.”Nna ka araba, ka re: “A ho be jwalo, Morena!”

6. Yaba Morena o re ho nna: “Phatlalatsa mantswe ana wohle metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, o re: <Mamelang mantswe a selekane sena, le phethe seo a se bolelang.

7. Ho tloha mohla ke neng ke ntsha bo-ntata lona naheng ya Egepeta, ho fihlela kajeno, haesale ke ba eletsa, ke re: “Ikokobeletseng nna!”

8. Ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha tsebe, empa motho ka mong o ile a latela ditakatso tsa pelo ya hae e mpe, e manganga. Ka baka leo, ke ba otla ho ya ka dipallo tsa selekane sena seo ba neng ba itlame ka sona, empa seo ba sa kang ba se boloka.> ”

9. Yaba Morena o re ho nna: “Hara banna ba Juda le baahi ba Jerusalema ho na le mahlabaphiyo.

10. Ba kgutletse dibeng tsa bo-ntata bona moholo, ba neng ba hane ho mamela dipolelo tsa ka. Ba latetse medimo esele, ba e sebeletsa. Ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda ba sentse selekane seo ke neng ke se etse le bo-ntata bona.”

11. Ka baka lena, Morena o bua tjena: “Ke tla ba dihela koduwa eo ba ke keng ba e phema. Leha ba ka ipiletsa ho nna ha nka ke ka ba mamela.

Jeremia 11