Jeremia 11:21-23 BIBELE (SSO89SO)

21. Ka baka lena, Morena o bua ka banna ba Anatote ba batlang ho o bolaya, ba reng: “O se ke wa porofeta ka lebitso la Morena, re tle re se ke ra o bolaya.”

22. Kahoo Morena wa mabotho o bua tjena: “Ke tla ba otla. Bahlankana ba bona ba tla bolawa ka sabole, bara le baradi ba bona ba bolawe ke sekoboto.

23. Ha ho na ho ba le masalla a bona, hobane ke tla dihela banna ba Anatote koduwa ka selemo seo ke tla ba otla ka sona.”

Jeremia 11