Jeremia 11:11-22 BIBELE (SSO89SO)

11. Ka baka lena, Morena o bua tjena: “Ke tla ba dihela koduwa eo ba ke keng ba e phema. Leha ba ka ipiletsa ho nna ha nka ke ka ba mamela.

12. Ba metse ya Juda le baahi ba Jerusalema ba tla ya ba ipiletse ho medimo ya bona, eo ba e tjhesetsang mekubetso, empa medimo eo e ke ke ya ba pholosa ho hang, ha koduwa e ba wela hodimo.

13. Palo ya medimo ya lona, lona baahi ba Juda, e kaalo ka palo ya metse ya lona; le palo ya dialetare tseo le di hahetseng ntho e hlabisang dihlong ena, e kaalo ka palo ya diterata tsa Jerusalema, e leng dialetare tseo ho tsona le tjhesetsang Baale mokubetso.

14. “Ka baka lena, o se ke wa rapella setjhaba sena, kapa wa se etsetsa thapedi, hobane ha ke na ho mamela ha se ipiletsa ho nna nakong ya ditsietsi tsa sona.

15. “Moratuwa o etsangka tempeleng ya ka,ha e le mooa rera merero ya bolotsana?Ebe nama tsa mahlabelodi ka o phemisa kotlo ya hao?Ha o etsa bokgopoeba jwale o a thaba!”

16. Morena o ile a o rea lebitso,a re o fate sa mohlwaarese setalana, se kgahlehang,se behang tholwana di le monate.Empa ka modumo,modumo o thwathwaretsang,o ila hotetsa mollo hodimo sona,makala a sona a etjha, a re lore!

17. Morena wa mabotho, yena ya ileng a o etsa, o se a o lokiseditse koduwa, hobane ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda ba entse bobe ka ho tjhesetsa Baale mokubetso, mme ba mphephetsa hore ke halefe.

18. Morena o ile a mpolella, mme ka tseba; a ntshenolela merero ya bona.

19. Empa ke ne ke tshwana le konyana e iswang moo e tla hlabelwa teng. Ke ne ke sa tsebe hore ba ntherile, ba re:“A re timetseng sefatele tholwana tsa sona;a re mo tloseng lefatsheng,fatsheng la ba phelang,hore bitso la haele se hlole le sa hopolwa.”

20. Empa wena Morena wa mabotho,wena ya ahlolang ka toka,wena ya lekolang pelo le kelello,a nke ke bone phetetso ya haohodima bona,nna ke beile nyewe ya kakapele ho wena.

21. Ka baka lena, Morena o bua ka banna ba Anatote ba batlang ho o bolaya, ba reng: “O se ke wa porofeta ka lebitso la Morena, re tle re se ke ra o bolaya.”

22. Kahoo Morena wa mabotho o bua tjena: “Ke tla ba otla. Bahlankana ba bona ba tla bolawa ka sabole, bara le baradi ba bona ba bolawe ke sekoboto.

Jeremia 11