Jeremia 11:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, la re:

2. “Mamela mantswe a selekane sena, mme o a bolelle setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema.

3. Ba bolelle hore Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Motho ya sa mameleng mantswe a selekane sena a rohakehe;

4. e leng mantswe ao ke neng ke a bolelle bo-ntata lona moholo, ha ke ne ke ba ntsha Egepeta, seboping sa mollo se entsweng ka tshepe.> Ka na ka re: Mmameleng, le phethe tsohle tseo ke le laetseng tsona, mme le tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa lona.

5. Ke tla phetha kano eo ke neng ke e etsetse bo-ntata lona, ya hore ke tla ba nea naha e phallang lebese le mahe a dinotshi, e leng naha ena eo e leng ya lona kajeno.”Nna ka araba, ka re: “A ho be jwalo, Morena!”

6. Yaba Morena o re ho nna: “Phatlalatsa mantswe ana wohle metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, o re: <Mamelang mantswe a selekane sena, le phethe seo a se bolelang.

7. Ho tloha mohla ke neng ke ntsha bo-ntata lona naheng ya Egepeta, ho fihlela kajeno, haesale ke ba eletsa, ke re: “Ikokobeletseng nna!”

8. Ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha tsebe, empa motho ka mong o ile a latela ditakatso tsa pelo ya hae e mpe, e manganga. Ka baka leo, ke ba otla ho ya ka dipallo tsa selekane sena seo ba neng ba itlame ka sona, empa seo ba sa kang ba se boloka.> ”

Jeremia 11