13. Ha a thwathwaretsametsi a lehodimo a a hwasa,o nyolla maru pheletsong tsa lefatshe,ha pula e ena o tsekemisa lehadima,a bulele difefo,di tswe moo di kwaletsweng.
14. Batho bohle ha ba na tsebo,ba thotofetse,malala a kgautaa hlabiswa dihlong,a hlabiswa dihlongke medingwana ya wona.Medingwana ena ya wonake ya leshano,medingwana ena ya wonaha e phefumolohe.
15. Ke mafeelafeelane,ke ntho tsa ho nyediswa,ha tsatsi la kahlolo ya yona le fihlae tla timela!
16. Modimo wa Jakobo yenaha a tshwane le yona,hobane ke yena Mmopi wa tsohle;o kgethile Iseraelehore e be tjhaba sa hae,Morena wa mabothoke lona lebitso la hae.
17. Lona ba thibeletswengtlamang thoto ya lona,le e tlame,le be le tswe kahara naha ena.
18. Morena o bua tjena:“Ke tla tjekeletsabaahi ba naha ena, kantle ho yona,ke ba sotle,ke ba bakele mahlomola!”
19. Ke madimabehobane ke tswile kotsi!Leqeba la ka ha le ka ke la fola!Empa ka pelong ka ikgothatsa,ka re: “Ena ke tsietsi ya ka,ke tlameha ho e mamella.”
20. Tente ya ka e senyehile,kgwele tsa yona tsohledi kgaohile;bana ba ka bohle ba ntshiile,ha ho ya setsengho hloma tente ya ka,kapa hona ho phuthollamasira a yona.
21. Badisa ba hloka kelello,thuso ya Morena ha ba e batle,kahoo ba ke ke ba fumana katleho,mehlape ya bona yohle e qhalakane.
22. Mamela! Molaetsa ke ona o a tla!Morusu o moholoo hlaha naheng e ka leboya!Metse ya Judae tla fetolwa nanaola,e fetohe dilao tsa diphokojwe.
23. Morena, sena ke a se tseba,motho ha a ikgethele tsela ya hae,hase yena ya laolang mehato ya hae.
24. Oho, Morena,ako nkgalemele ka toka,o se ke wa nkgalemela o halefile,esere wa mphetola lefeelafeelane.
25. Halefela tjhaba tsenatse sa o tsebeng,o halefele bathoba sa ipiletseng ho wena.Tjhaba tsena di metsitse Jakobo,tsa mo metsa bokwiditane,tsa mo timetsa,metse ya hae tsa e fetola nanaola.