Jeremia 10:12-16 BIBELE (SSO89SO)

12. Ka matla a haeModimo o entse lefatshe,ka bohlale ba haea le tsitsisa tulong tsa lona,ka kelello ya hae a ala le mahodimo.

13. Ha a thwathwaretsametsi a lehodimo a a hwasa,o nyolla maru pheletsong tsa lefatshe,ha pula e ena o tsekemisa lehadima,a bulele difefo,di tswe moo di kwaletsweng.

14. Batho bohle ha ba na tsebo,ba thotofetse,malala a kgautaa hlabiswa dihlong,a hlabiswa dihlongke medingwana ya wona.Medingwana ena ya wonake ya leshano,medingwana ena ya wonaha e phefumolohe.

15. Ke mafeelafeelane,ke ntho tsa ho nyediswa,ha tsatsi la kahlolo ya yona le fihlae tla timela!

16. Modimo wa Jakobo yenaha a tshwane le yona,hobane ke yena Mmopi wa tsohle;o kgethile Iseraelehore e be tjhaba sa hae,Morena wa mabothoke lona lebitso la hae.

Jeremia 10