1. Lona ba ntlo ya Iseraele, mamelang seo Morena a se buang ho lona.
2. Morena o bua tjena:“Se ithuteng mekgwa ya baditjhaba,se tshosweng ke dipontsho,pontsho tsa lehodimo,le hoja baditjhababa tshoswa ke tsona.
3. Meetlo ya baditjhaba ke ya lefeela,baditjhaba ba rema sefate morung,ebe sebetli ka selepe se a se betla.
4. Ba se kgabisa ka sileferale ka kgauta,ba se kgokgothele ka notole ka dipekere,hore se se ke sa sisinyeha.
5. Medingwana ena e ka setshosa,e ka setshosa se hlonngwetshimong ya mahapu,empa ha e le ho bua honaha e ho tsebe;eka kgona ba e jare,hobane ha e tsebe ho tsamaya.Lona le se e tshabe,e ke ke ya le ntsha kotsi,ho etsa molemo le honaha e ho tsebe.”
6. Ha ho ya tshwanang le wena Morena,wena o moholo,bitso la hao le leholo, le matla.
7. Ke mang ya ke keng a o tshaba,wena Kgosi ya ditjhaba?E hlile ho tshajwa,wena ho a o lokela.Hara banna bohleba bahlalefi ditjhabeng,banna ba bahlalefiba mebusong ya bona,ha ho le ya mongya tshwanang le wena.
8. Bohle ba hloka kelello,ba thotofetse,thuto tsa medimo ya lehongke tsa lefeela.
9. Silefera e bateletswenge tswa Tarashishe,kgauta yonake e tswang kwana Ufase,ke mosebetsi wa setei,o entsweng ke lelala;medingwana e apeswa tse putswale tse perese:Tsohle di entsweke ditsebi tsa mesebetsi.
10. Empa Morenake Modimo wa nnete,ke Modimo ya phelang,Kgosi ya kamehla yohle.Ha a halefilefatshe lohle le a reketla,tjhaba di sitwaho mamella kgalefo ya hae.
11. Jwale o ba bolelle, o re: “Medimo e sa kang ya bopa lehodimo le lefatshe e tla fediswa, e ke ke ya hlola e eba teng lefatsheng.”