9. Yaba Morena o otlolla letsoho la hae, o ama molomo wa ka ka lona, o re: “Bona, ke kentse mantswe a ka ka molomong wa hao.
10. Kajeno lena ke o nea matla hodima ditjhaba le hodima mebuso, hore o motsule o be o heletse, o timetse o be o phethole, o hahe o be o hlome.”
11. Lentswe la Morena la boela la mphihlela, la re: “Jeremia, o bonang?”Nna ka araba, ka re: “Ke bona lekala la sefate se kang sa perekisi.”
12. Yaba Morena o re ho nna: “O bona hantle, hobane ke fadimehetse hore lentswe la ka le phethahatswe.”
13. Lentswe la Morena la boela la mphihlela kgetlo la bobedi, la re: “O bonang?”Nna ka re: “Ke bona pitsa e belang, eo molomo wa yona o furaletseng leboya.”