Jeremia 1:12-19 BIBELE (SSO89SO)

12. Yaba Morena o re ho nna: “O bona hantle, hobane ke fadimehetse hore lentswe la ka le phethahatswe.”

13. Lentswe la Morena la boela la mphihlela kgetlo la bobedi, la re: “O bonang?”Nna ka re: “Ke bona pitsa e belang, eo molomo wa yona o furaletseng leboya.”

14. Morena a re ho nna:“Koduwa e tla hlaha e etswa leboya,baahi bohle ba naha enae ba wele hodimo.

15. Ke kgatheng la ho mema ditjhaba,tjhaba tsohle tsa mebuso,mebuso e ka leboya,”ho rialo Morena.“Kgosi tsa bonadi tla emisa terone tsa tsona,di di emisekapela dikgoro tsa Jerusalema;di tla di emisaho potapota marako,di di emisemetseng yohle ya Juda.

16. Tjhaba seo sa ka ke tla se ahlola,ke se ahlolele bokgopoba ho mphuralla,ba ho etsa mahlabelo,ho a etsetsa medimo esele,ho kgumamela medimoe entsweng ka matsoho a sona.

17. “Ka baka leo, wena itlame letheka,o eme, o bue le tjhaba seo,o se bolelle tsohletseo ke o laelang tsona.O se ke wa tshaba ha o se bona,esere ka o tshosa o le kapela sona.

18. Bona,kajeno ke o etsa qhobosheane,tshiya ya tshepele lerako la lethose,hore o eme sennakapela naha yohle,kapela dikgosi le kgosana tsa Juda,kapela baprista le baahi ba Juda.

19. ba tla o tsohela matla,ba o lwantshe,empa ho o hlolaba ke ke be ba o hlola,hobane ke na le wenaho o namolela,”ho rialo Morena.

Jeremia 1