Jeremia 1:11-15 BIBELE (SSO89SO)

11. Lentswe la Morena la boela la mphihlela, la re: “Jeremia, o bonang?”Nna ka araba, ka re: “Ke bona lekala la sefate se kang sa perekisi.”

12. Yaba Morena o re ho nna: “O bona hantle, hobane ke fadimehetse hore lentswe la ka le phethahatswe.”

13. Lentswe la Morena la boela la mphihlela kgetlo la bobedi, la re: “O bonang?”Nna ka re: “Ke bona pitsa e belang, eo molomo wa yona o furaletseng leboya.”

14. Morena a re ho nna:“Koduwa e tla hlaha e etswa leboya,baahi bohle ba naha enae ba wele hodimo.

15. Ke kgatheng la ho mema ditjhaba,tjhaba tsohle tsa mebuso,mebuso e ka leboya,”ho rialo Morena.“Kgosi tsa bonadi tla emisa terone tsa tsona,di di emisekapela dikgoro tsa Jerusalema;di tla di emisaho potapota marako,di di emisemetseng yohle ya Juda.

Jeremia 1