Jeremia 1:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Tsena ke dipolelo tsa Jeremia, mora wa Hilekiya, e mong wa baprista ba motse wa Anatote, o naheng ya Benjamine:

2. Lentswe la Morena le ne le mo fihlele mehleng ya Josiya, mora wa Amona, kgosi ya Juda, ka selemo sa leshome le metso e meraro sa puso ya hae;

3. la mo fihlela hape mehleng ya puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda; la nna la mo fihlela jwalo ho isa selemong sa leshome le motso o mong sa puso ya Sedekiya, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, mme ka kgwedi ya bohlano ya sona selemo seo, baahi ba Jerusalema ba thopuwa.

4. Yaba lentswe la Morena le a mphihlela, le re:

5. “Ke o tsebile ke eso o bopeka popelong ya mmao,ka ba ka o halaletsa o eso tswalwe,ka o kgethelaho ba moporofeta wa ditjhaba.”

6. Yaba nna ke re: “Oho, Morena Modimo, nna ha ke tsebe ho bua, hobane ke sa le ngwana.”

7. Empa Morena a re ho nna: “Se ke wa re: <Ke sa le ngwana,> hobane o tla ya ho bohle bao ke tla o roma ho bona, o ba bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona.

8. O se ke wa ba tshaba, hobane ke na le wena, mme ke tla o pholosa,” ha rialo Morena.

9. Yaba Morena o otlolla letsoho la hae, o ama molomo wa ka ka lona, o re: “Bona, ke kentse mantswe a ka ka molomong wa hao.

Jeremia 1