10. Ikokobetseng pela Morena, mme o tla le phahamisa.
11. Bana beso, le se ke la buana hampe. Ya buang ngwanabo hampe, kapa ya mo ahlolang, o bua molao hampe, mme o a o ahlola. Haeba o ahlola molao, ha o sa le ya phethang molao, empa o se o le ya ahlolang.
12. O mong feela moetsi wa molao le moahlodi: Ke ya nang le matla a ho pholosa le ho timetsa. Ebe wena o mang o ka ahlolang wa heno?
13. Mamelang, lona ba reng: “Kajeno kapa hosasane re tla ya motseng o itseng, moo re tla hlola teng selemo sohle, re hwebe, re tle re rue.”
14. Ha le tsebe hore na la hosasane le tla le tlela le eng, kapa bophelo ba lona bo tla ba jwang, hobane le tshwana feela le mohodi, o bonahalang nakwana, o nto nyamela.
15. Bakeng sa ho re: “Ha Morena a rata, re tla phela, re etse hona kapa hane,”
16. jwale le a ikakasa, mme le a ithorisa. Boithoriso bohle bo jwalo bo bobe.
17. Ka baka leo, ya tsebang ho etsa ho hotle, empa a sa ho etse, o etsa sebe.