Jakobo 3:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Bana beso, le se ke la iketsa baruti kaofela, kaha le a tseba hore rona re tla ahlolwa haboima ho feta.

2. Bohle re wela diphosong hangata. Haeba e mong a sa fose ka dipuo tsa hae, eo ke motho ya phethehileng, ya tsebang ho itshwara bothong bohle ba hae.

3. Ha re kenya ditomo ka melomong ya dipere, re a be re etsa hore di tle di re mamele, mme re di tsamaise kamoo re ratang kateng.

4. Hape bonang le dikepe: Le hoja di le kgolo haholo, mme di sututswa ke difefo tse matla, empa di tsamaiswa ka lesokwana le lenyenyane, di ye moo mosoki a ratang hore di ye teng.

5. Le leleme le jwalo. Le hoja e le setho se senyenyane, empa le ka ithorisa ka tse kgolo.Bonang kamoo tlhase ya mollo e hotetsang moru o moholo kateng!

6. Leleme le lona ke mollo. Hara ditho tsa rona, le ka lefatshe la bokgopo, hoo le silafatsang botho bohle ba rona, le hotetse bophelo bohle ba rona; le hoteditswe ka mollo wa dihele.

7. Mefuta yohle ya dibatana, ya dinonyana, ya dihahabi, le ya tse lewatleng, tsohle di ka thapiswa, ebile di thapisitswe ke bohlale ba motho,

8. empa ha e le leleme, ha ho motho le ya mong ya ka tsebang ho le thapisa. Le kgopo hoo le ke keng la laolwa, le tletse mahloko a bolayang.

Jakobo 3