6. Empa lona le hlompholotse mofutsana. Na hase barui ba le hatellang, ba le hulelang makgotleng?
7. Na hase bona ba nyefolang lebitso le letle la Kreste, leo le bitswang ka lona?
8. Ha le fela le phetha molao wa sehlooho, o ngotsweng Mangolong, o reng: “Rata wa heno jwalokaha o ithata,” le etsa hantle.
9. Empa ha le ena le leeme, le etsa sebe, mme molao o a le ahlola hobane le o tlotse.
10. Ha motho a boloka molao wohle, haese feela ntlha e le nngwe eo a e tlolang, o molato wa ho tlola molao kaofela,
11. hobane ya itseng: “O se ke wa feba,” o bile o itse: “O se ke wa bolaya.” Leha o sa febe, feela o bolaya, o tlotse molao.
12. Dipuo le diketso tsa lona e be tsa batho ba tla ahlolwa ka molao wa tokoloho.
13. Ya hlokileng mohau o tla ahlolwa ho se mohau, empa ya bileng mohau ha a tshabe ho ahlolwa.
14. Bana beso, ho thusang hore motho a re o na le tumelo, empa a sa phethe mesebetsi ya yona? Na tumelo e jwalo e ka mo pholosa?
15. Ha ngwanabo rona kapa kgaitsedi ya rona a hlobotse, mme a hloka dijo tsa letsatsi le leng le le leng,
16. ho thusang hore e mong wa lona a re ho yena: “Ikele ka kgotso, o futhumale, o kgore,” feela a sa mo fa tse hlokahalang hore a phele?
17. Ka mokgwa o jwalo, tumelo e se nang mesebetsi e shwele shwi!
18. Empa e mong o tla re: “Wena o na le tumelo, nna ke na le mesebetsi.”Ako mpontshe tumelo ya hao e se nang mesebetsi, nna ke tla o bontsha tumelo ya ka ka mesebetsi ya ka.
19. Ha ke re o dumela hore Modimo o mong feela? O etsa hantle; le bona bademona ba dumela jwalo, mme ba a thothomela.
20. Wena motho ya sethoto, na o rata ho tseba hore tumelo e se nang mesebetsi e nyopile?
21. Na ntata rona Aborahama ha a ka a lokafatswa ka mesebetsi, mohla a nyehelang ka mora wa hae Isaka aletareng?
22. O a bona he, tumelo e ne e tlatsana le mesebetsi ya Aborahama, le mesebetsi ya hae e ne e etsa hore tumelo ya hae e phethehe,
23. mme ho ile ha phethahala Mangolo a reng: “Aborahama o ile a dumela ho Modimo, mme hoo a ho ballwa e le ho loka,” a ba a bitswa motswalle wa Modimo.