Jakobo 2:3-7 BIBELE (SSO89SO)

3. Ha le sheba ya apereng tse mahadihadi, ebe le re ho yena: “Wena, ako dule setulong sena se setle,” empa le re ho mofutsana: “Wena, ema mona,” kapa: “Dula fatshe mona maotong a ka,”

4. na ha le etse kgethollo? Na ha le baahlodi ba ahlolang ka bokgopo?

5. Mamelang, bana beso ba ratehang. Na hase Modimo ya kgethileng bao e leng mafutsana mahlong a lefatshe, hore e be barui tumelong, le majalefa a Mmuso oo a o tshepisitseng ba mo ratang?

6. Empa lona le hlompholotse mofutsana. Na hase barui ba le hatellang, ba le hulelang makgotleng?

7. Na hase bona ba nyefolang lebitso le letle la Kreste, leo le bitswang ka lona?

Jakobo 2