10. Ha motho a boloka molao wohle, haese feela ntlha e le nngwe eo a e tlolang, o molato wa ho tlola molao kaofela,
11. hobane ya itseng: “O se ke wa feba,” o bile o itse: “O se ke wa bolaya.” Leha o sa febe, feela o bolaya, o tlotse molao.
12. Dipuo le diketso tsa lona e be tsa batho ba tla ahlolwa ka molao wa tokoloho.
13. Ya hlokileng mohau o tla ahlolwa ho se mohau, empa ya bileng mohau ha a tshabe ho ahlolwa.
14. Bana beso, ho thusang hore motho a re o na le tumelo, empa a sa phethe mesebetsi ya yona? Na tumelo e jwalo e ka mo pholosa?
15. Ha ngwanabo rona kapa kgaitsedi ya rona a hlobotse, mme a hloka dijo tsa letsatsi le leng le le leng,
16. ho thusang hore e mong wa lona a re ho yena: “Ikele ka kgotso, o futhumale, o kgore,” feela a sa mo fa tse hlokahalang hore a phele?
17. Ka mokgwa o jwalo, tumelo e se nang mesebetsi e shwele shwi!
18. Empa e mong o tla re: “Wena o na le tumelo, nna ke na le mesebetsi.”Ako mpontshe tumelo ya hao e se nang mesebetsi, nna ke tla o bontsha tumelo ya ka ka mesebetsi ya ka.
19. Ha ke re o dumela hore Modimo o mong feela? O etsa hantle; le bona bademona ba dumela jwalo, mme ba a thothomela.