Jakobo 1:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Nna Jakobo, mohlanka wa Modimo le wa Morena Jesu Kreste, ke dumedisa ba meloko e leshome le metso e mmedi, e qhalakaneng hohlehohle.

2. Bana beso, ikukeng le le ba lehlohonolo, ha le feta hara diteko tsa mefutafuta,

3. hobane le a tseba hore ho lekwa ha tumelo ya lona ho tswala mamello.

4. Mamello e ke e hlahise mosebetsi o phethehileng, e le hore le be batho ba phethehileng ka ho tlala, ba sa hlokeng letho.

5. Haeba e mong wa lona a hloka bohlale, a ke a bo kope ho Modimo ya fang bohle ka matsoho a mabedi, a sa kganane, mme o tla bo fuwa.

6. Feela a bo kope ka tumelo, a sa belaele letho, hobane ya belaelang o tshwana le leqhubu la lewatle le tsokotswang ke moya.

7. Motho ya jwalo a se ke a lekanya hore o tla fuwa letho ke Morena,

8. hobane ke motho ya sa tsebeng moo a emeng teng, ya sa tsitsang ditseleng tsohle tsa hae.

9. Ngwanabo rona ya eisehang a be motlotlo ha a phahamisetswa bodumeding.

10. Ya ruileng le yena a be motlotlo ha a eiswa ka ho ba modumedi, hobane o tla fela jwaloka palesa ya jwang.

Jakobo 1