14. Oho, Morena, ako ba nee!Ekaba o tla ba nea eng, Morena?Ba nee dipopelo,dipopelo tse senyehelwang!Ba nee matswele,matswele a sa tsweng lebese!
15. “Bokgopo bohle ba bonabo qadile Gilegale,ka qala ho ba hloya ha ba le moo.Ka baka la bokgopo bona ba bona,ke tla ba leleka Tempeleng ya ka.Nke ke ka hlola ke sa ba rata,mahosana a bona wohle ke bafetohedi.
16. Efraime ke fate se seng se rathilwe,motso wa hae o se o omeletse,a ke ke a hlola a beha ditholwana.Esita leha a ka tswala banake tla bolaya bana ba popelo ya hae,bana bao a ba ratang haholo.”
17. Modimo wa ka o tla ba furalla,hobane ha ba a ka ba mo mamela;ba tla fetoha baleleri hara baditjhaba.