Hosea 9:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Se ke wa nyakalla, wena Iseraele!Se ke wa thabajwaloka ditjhaba tse ding!O entse bootswaka ho furalla Modimo wa hao,o hloma ekamoputso wa bootswa ba haoke mabele a polwang,a polwang seotlong ka seng.

2. Seotlo le setlhotlelodi ke ke tsa fepa setjhaba,veine e ntjha le yona e tla se haella.

3. Se ke ke sa aha naheng ya Morena,Efraime yena o tla kgutlela Egepeta,tjhaba se je dijo tse sesila,se di jele Asiria.

4. Ha se ka ke sa etsetsa Morenanyehelo tsa veine,mahlabelo a sonaha a amohelehe ho yena,ho sona a tla ka dijo tsa bofifi,bohle ba di jang ba tla silafala.Dijo tsa bonadi tla itjellwa ke bona feela,di ke ke tsa kenngwaka Tempeleng ya Morena.

5. Le tla etsangmohla tsatsi le halalelang,mohla letsatsila mokete wa Morena?

6. Ha ba phasaphasa,ba baleha timelo,Egepeta e tla ba kgobokanya,e ba kgobokanye mmoho,Memefise yona ebe e a ba epela.Matlotlo a sileferaa tla melella bobatsi,meutlwa e ririellaneka ditenteng tsa bona.

Hosea 9