Hosea 9:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. Se ke wa nyakalla, wena Iseraele!Se ke wa thabajwaloka ditjhaba tse ding!O entse bootswaka ho furalla Modimo wa hao,o hloma ekamoputso wa bootswa ba haoke mabele a polwang,a polwang seotlong ka seng.

2. Seotlo le setlhotlelodi ke ke tsa fepa setjhaba,veine e ntjha le yona e tla se haella.

3. Se ke ke sa aha naheng ya Morena,Efraime yena o tla kgutlela Egepeta,tjhaba se je dijo tse sesila,se di jele Asiria.

4. Ha se ka ke sa etsetsa Morenanyehelo tsa veine,mahlabelo a sonaha a amohelehe ho yena,ho sona a tla ka dijo tsa bofifi,bohle ba di jang ba tla silafala.Dijo tsa bonadi tla itjellwa ke bona feela,di ke ke tsa kenngwaka Tempeleng ya Morena.

Hosea 9