Hosea 9:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Se ke wa nyakalla, wena Iseraele!Se ke wa thabajwaloka ditjhaba tse ding!O entse bootswaka ho furalla Modimo wa hao,o hloma ekamoputso wa bootswa ba haoke mabele a polwang,a polwang seotlong ka seng.

2. Seotlo le setlhotlelodi ke ke tsa fepa setjhaba,veine e ntjha le yona e tla se haella.

3. Se ke ke sa aha naheng ya Morena,Efraime yena o tla kgutlela Egepeta,tjhaba se je dijo tse sesila,se di jele Asiria.

4. Ha se ka ke sa etsetsa Morenanyehelo tsa veine,mahlabelo a sonaha a amohelehe ho yena,ho sona a tla ka dijo tsa bofifi,bohle ba di jang ba tla silafala.Dijo tsa bonadi tla itjellwa ke bona feela,di ke ke tsa kenngwaka Tempeleng ya Morena.

5. Le tla etsangmohla tsatsi le halalelang,mohla letsatsila mokete wa Morena?

6. Ha ba phasaphasa,ba baleha timelo,Egepeta e tla ba kgobokanya,e ba kgobokanye mmoho,Memefise yona ebe e a ba epela.Matlotlo a sileferaa tla melella bobatsi,meutlwa e ririellaneka ditenteng tsa bona.

7. A se a fihlile matsatsi a kahlolo!A se a fihlile matsatsi a phetetso!Sena Iseraele o tla se tseba!Le re:“Moporofeta enwa ke sethoto!Ya susumetswang ke moyayena ke lehlanya!”Hoba bokgopo ba lona bo totile,le bora ba lona bo totile hakaalo!

8. Moporofeta ke molebedi wa Efraime,Efraime, tjhaba sa Modimo wa ka;empa o tjhehetswe maraba,a a tjhehelwa tseleng tsohle,ka Tempeleng ya Modimo wa haebora bo mo emetse.

9. Ba tetebetsehara qhafutso ya bokgopo,ba tetebetse sa mehleng ya Gibea.Morena o tla hopolabokgopo ba bona,ebe o ba otlela dibe tsa bona.

10. “Ha ke ne ke qalaho fumana Iseraele,o ne a ka morarao metseng hara lehwatata;ha ke qala ho bonabaholoholo ba lona,ba ne ba ka feiye ya dilopotsiya.Empa hoba ba fihle Baale-Peore,ba ineella modingwanao hlabisang dihlong,ba nyonyehasa manyala ao ba a ratang!

Hosea 9