Hosea 8:7-14 BIBELE (SSO89SO)

7. “Ba jetse moya,ba tla kotula sefefo,kaofela mabele a bona a phutsitse,kahoo dijo di ke ke tsa eba teng;leha eba a ne a ka beha haholo,baditjhaba ba ne ba tla a lobela.

8. Baiseraele ba kwentswe,ba kwentswe bokwiditane,jwale ba se ba lwebakahara baditjhaba,ba ka ntho e se e se na molemo.

9. Ba nyolohile, ba ikela Asiria,sa tonki e hlaha, e lelerang le naha;Efraime yena o ikgiretse basireletsi.

10. Le hoja ba ithekisitse,ba ithekisitse ho baditjhaba,nna ke tla ba phutha, ke ba bokelle.Ba tla qala ho fella dikobong,ha ba hatellwa ke kgosi ya Asiria.

11. “Le hoja Efraimea hahile dialetare tse ngata,a tle a etsetse tefelo ya sebe ho tsona,aletare tsenadi fetohile sentele sa dibe.

12. Ke mo ngoletse melaoe se nang palo,empa o e tadima e le ntho tsa basele.

13. Ba nketsetsa dinyehelo,nyehelo tsa mahlabelo,ba itjella nama eo ya mahlabelo,empa ho nna Morena,ha a amohelehe.Ke tla hopola bokgopo ba bona,ke ba otlele dibe tsa bona,ke ba kgutlisetse naheng ya Egepeta.

14. Iseraele o lebetse Mmopi wa hae,a haha matlo a dikgosi tsa hae;Juda o hahile metse e mengata,metse e haheleditsweng,empa metse eoke tla e tjhesa ka mollo,o tjhese matlo a yona a bokgosi.”

Hosea 8