5. Wena Samaria,ke nyonya medingwana ya hao,medingwana ya hao ya manamane,kgalefo ya kae tlokomela baahi ba Samaria!Ba tla sitwa ho itlhwekisaho fihlela neng?
6. Namane enae ne e etswe naheng ya Iseraele,e entswe ke lelala,empa yona hase Modimo.Namane ya Samariae tla thuakanngwa!
7. “Ba jetse moya,ba tla kotula sefefo,kaofela mabele a bona a phutsitse,kahoo dijo di ke ke tsa eba teng;leha eba a ne a ka beha haholo,baditjhaba ba ne ba tla a lobela.
8. Baiseraele ba kwentswe,ba kwentswe bokwiditane,jwale ba se ba lwebakahara baditjhaba,ba ka ntho e se e se na molemo.
9. Ba nyolohile, ba ikela Asiria,sa tonki e hlaha, e lelerang le naha;Efraime yena o ikgiretse basireletsi.
10. Le hoja ba ithekisitse,ba ithekisitse ho baditjhaba,nna ke tla ba phutha, ke ba bokelle.Ba tla qala ho fella dikobong,ha ba hatellwa ke kgosi ya Asiria.
11. “Le hoja Efraimea hahile dialetare tse ngata,a tle a etsetse tefelo ya sebe ho tsona,aletare tsenadi fetohile sentele sa dibe.
12. Ke mo ngoletse melaoe se nang palo,empa o e tadima e le ntho tsa basele.