1. “Letsa lenaka, o hlabe mokgosi!Ntsu ke eo e ubella Moreneng,hobane tjhaba se sentse,sa senya selekane sa ka,sa ba sa tlola le molao wa ka.
2. Tjhaba sa Iseraele se a ipiletsa,se a ipiletsa, se re ho nna:<Oho, Modimo wa rona,rona re a o tseba!>
3. Empa Baiseraeleba furaletse tse molemo,kahoo sera se tla ba phaladisa.
4. Ba ipeetse kgosiba sa ka ba ntherisa;ba bea mahosananna ke sa ka ka tseba.Ka silefera le ka kgauta ya bonaba iketseditse medingwana ya bona,kahoo Baiseraele ba tla timela.
5. Wena Samaria,ke nyonya medingwana ya hao,medingwana ya hao ya manamane,kgalefo ya kae tlokomela baahi ba Samaria!Ba tla sitwa ho itlhwekisaho fihlela neng?
6. Namane enae ne e etswe naheng ya Iseraele,e entswe ke lelala,empa yona hase Modimo.Namane ya Samariae tla thuakanngwa!
7. “Ba jetse moya,ba tla kotula sefefo,kaofela mabele a bona a phutsitse,kahoo dijo di ke ke tsa eba teng;leha eba a ne a ka beha haholo,baditjhaba ba ne ba tla a lobela.
8. Baiseraele ba kwentswe,ba kwentswe bokwiditane,jwale ba se ba lwebakahara baditjhaba,ba ka ntho e se e se na molemo.
9. Ba nyolohile, ba ikela Asiria,sa tonki e hlaha, e lelerang le naha;Efraime yena o ikgiretse basireletsi.
10. Le hoja ba ithekisitse,ba ithekisitse ho baditjhaba,nna ke tla ba phutha, ke ba bokelle.Ba tla qala ho fella dikobong,ha ba hatellwa ke kgosi ya Asiria.