Hosea 7:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. “Ha ke re ke fodisa Iseraele,dibe tsa Efraime di a pepeseha,bokgopo ba Samaria bo senolehe:Bobedi ba etsetsana bolotsana,Mashodu a a thua,a kene ka matlung,diteratengdinokwane di hape tsa batho.

2. Kelellong tsa bona ha ba hlokomelehore ke hopola bokgopo ba bona.Kahohle dibe tsa bona di ba dikile,mme di pontsheng ya ka kamehla.”

3. “Ka bokgopo ba bonaba thabisa kgosi,ba thabise le mahosanaka mashano a bona.

4. Kaofela ha bona ba etsa bofebe,ba tuka sa sebopi se beseleditswe,mophehi a sa hloke ho se roteletsa,ho tloha ha a qala ho duba hlama,ho fihlela hlama eo e ba e bela.

5. Mohla mokete wa kgosi ya rona,ba tahisa mahosana, ba a nwesa veine,kgosi e etsise basomi ka ho nwa.

6. Dipelo tsa bona di tjhesa sa sebopi,ha ba qatjhame, ba laletse kgosi.Kgalefo ya bona bosiu e a kekela,ere bo esa e tuke sa malakabe.

Hosea 7